Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #5
Hymn 5 Na Hae Ho Sa Le Hole?
[V1]
Na hae ho sa le hole na? Ke botsitse molebeli,
A re bosiu bo ea fela; ’Me ho fihla meso,
Joale u se hlole u lla; Empa tsamaea akofa,
U tla fihla matsatsing ao, A se nang ho fela.

[C]
Ke botsitse bo lebotho, ea lebotho e re;
“Re tla loana ka sebete, Ka lerumo feela.”
Joale o se hlole u lla, U mpe u mamelle ntoeng;
U tla fumana moputso, Ha u se u hlotse.

[V2]
Ke botsitse lintho tsohle; Li re ka lentsoe le le leng:
“Nako e se e tla feta, Lehae le hlahe.”
Joale u se ke ua lla, Liponts’o li ntse li ata,
Tsohle li se li korotla, Li batla phomolo.

[V3]
Hae ha ho sa le hole, Oho!khothala moeti;
Motsamai hlakola meokho, Tseleng ee pholileng,
Joale u se ke ua lla, Re tla kopana kapele;
Litlhopeho li felile, Motseng oo khutsitseng.