Hymn 4 O Ea Tla

[V1]
Monate ha litaba li tlela moeti, leha a le hole le lehae;
Kapeele-peele ’Moloki O tla hlaha, ’Me kapele ’muso’ tla ba

[C]
O ea tla, O ea tla kapele, O tla lefats’eng lena hape;
Baeti ba khathetseng ba tla ea khanyeng, ha ’Moloki A tla ho busa.

[V2]
Mabitla a baeti batho ba khale, a tla buloa joaleka pele;
Bongata bo robetseng le leoatleng, bo tla phela hape lefats’eng.

[C]
O ea tla, O ea tla kapele, O tla lefats’eng lena hape;
Baeti ba khathetseng ba tla ea khanyeng, ha ’Moloki A tla ho busa.

[V3]
Re tla kopana lehaeeng la Edene, Re bine lipina tsa thabo,
Ho tsoa Leboea, Boroa, balopolloa ba tla khumamela Morena.

[C]
O ea tla, O ea tla kapele, O tla lefats’eng lena hape;
Baeti ba khathetseng ba tla ea khanyeng, ha ’Moloki A tla ho busa.

[V4]
Alleluya amen, Alleluya hape, kapele re tla ba teng bohle;
Lebelang ka ts’epo le nyakalleng ke hona, re roale moqhaka oa khanya.

[C]
O ea tla, O ea tla kapele, O tla lefats’eng lena hape;
Baeti ba khathetseng ba tla ea khanyeng, ha ’Moloki A tla ho busa.

4. O Ea Tla

Link copied to clipboard successfully!