Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #26

Hymn 26 Tje Ka Ha Ke Le Tje

[V1]
Ha ke na see ke se qosang, Mali a Hao a ts’olotsoe;
’Me U mpitsetsa ho uena,Konyana’ Molimo Ke ea tla.

[V2]
Joale ke ntse ke emetse, Ho nts’a sebe moeeng oa ka;
Uena Ea hlatsoang ka mali, Konyana ’Molimo ke ea tla.

[V3]
Ha ke ntse ke akheha le lintoeng le hona ngongorehong;
Ts’abo kahare le kantle, Konyana ’Molimo ke ea tla.

[V4]
Ha ke le bofumanehing, Pono leruo pholiso;
E, tsohle ke ea li hloka, Konyana ’Molimo ke ea tla

[V5]
Joaleka ha ke le tjena, nkuke, nts’oarele U ntlhatsoe;
Hoba U ts’episitse, Konyana ea Molimo ke ea tla.

[V6]
Ha ke le tje, ’rato la Hao. Le thuhile lintho tsohle;
Ke tla ba oa Hao fela, Konyana’ Molimo ke ea tla.

26. Tje Ka Ha Ke Le Tje

Link copied to clipboard successfully!