Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #28
Hymn 28 Nako Ho Itlhoekisa
[V1]
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
Bua le morena Lentsoeng la Hae;
Etsa setsoalle Thusa ba fokolang,
Se lebale letho masehong a Hae.
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
Bua le morena Lentsoeng la Hae;
Etsa setsoalle Thusa ba fokolang,
Se lebale letho masehong a Hae.
[V2]
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
Lefats’e lea luma, Bua le Jesu;
Ka ho sheba Jesu, Ts’oana le Eena,
Metsoalle ea hao E ’mone ho uena.
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
Lefats’e lea luma, Bua le Jesu;
Ka ho sheba Jesu, Ts’oana le Eena,
Metsoalle ea hao E ’mone ho uena.
[V3]
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
A u etelle pele Linthong tsohle;
Thabong bofutsneng Latela Jesu,
U shebile Eena Le ho mo ts’epa.
U ke u nke nako ea ho itlhoekisa,
A u etelle pele Linthong tsohle;
Thabong bofutsneng Latela Jesu,
U shebile Eena Le ho mo ts’epa.
[V4]
U ke U nke nako ea ho itlhoekisa,
U ikhutse moeeng A u laele;
U tsamaisoe mehleng ea lerato
U tla ts’oanela ts’ebetso holimo.
U ke U nke nako ea ho itlhoekisa,
U ikhutse moeeng A u laele;
U tsamaisoe mehleng ea lerato
U tla ts’oanela ts’ebetso holimo.