Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #272

Hymn 272 Akhela Mohal’a Bophelo

[V1]
Akhela mohala oa bophelo.
Morena o teng eo a ka pholosoang,
Moena oa e mong, ho tla ea mang,
Ho akhela mohala moo kotsing?

[C]
Akhela thapo, Akhela thapo!
Metsi a ea le eena hole!
Akhela thapo, Akhela thapo!
E mong oa teba joale!

[V2]
Etsa kapele le ka matl’ohle.
U luletse eng U liehela eng?
Bona oa teba! Phakisetsa hle!
Potlaka ka sekepe, se-sisa!

[C]
Akhela thapo, Akhela thapo!
Metsi a ea le eena hole!
Akhela thapo, Akhela thapo!
E mong oa teba joale!

[V3]
O lahlele bathong ba mo kotsing!
Ho ba tetebelang matsoalong;
Fefo tsa meleko tsa malimabe,
Li tloha li ba hulela bolibeng!

[C]
Akhela thapo, Akhela thapo!
Metsi a ea le eena hole!
Akhela thapo, Akhela thapo!
E mong oa teba joale!

[V4]
Nako ea pholoso ea feta hle!
Ba tloha ba nyamella ruri bohle,
Phakisa, ngoane’so ha ho nako,
Akhela mohala ba pholohe hle!

[C]
Akhela thapo, Akhela thapo!
Metsi a ea le eena hole!
Akhela thapo, Akhela thapo!
E mong oa teba joale!

272. Akhela Mohal’a Bophelo

Link copied to clipboard successfully!