Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #96
Hymn 96 Tla Ka Pula
[V1]
Tlo ka pula letsatsi, La phomolo lefats’eng;
O tle sefubeng sena, Leseli la holimo.
Tlo ka pula letsatsi, La phomolo lefats’eng;
O tle sefubeng sena, Leseli la holimo.
[V2]
Letsatsi la ho Khutsa, Li’a feta nako tsa Hao;
Pholiso bofutsaneng, Re qete mosebetsi.
Letsatsi la ho Khutsa, Li’a feta nako tsa Hao;
Pholiso bofutsaneng, Re qete mosebetsi.
[V3]
Letsatsi la bohlokoa, Le pako le thapelo;
Ke le ka hlalefisang, La hlohonolofatso.
Letsatsi la bohlokoa, Le pako le thapelo;
Ke le ka hlalefisang, La hlohonolofatso.