Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #97

Hymn 97 Re Utloile

[V1]
Re utloile ka Jesu, Morena ’Moloki,
Bolella chaba tsohle ka Jesu Morena;
Hoeletsang liphahameng le holim’a lithaba,
Jesu O oa le bitsa, Jesu Mopholosi.

[V2]
Bolellang baetsalibe, Ba tliseng ho Jesu
O tla ba hlatsoa libe ba hloeke kahohle.
Binang lihleke-hleke, ho utloale mahaheng,
Fats’e le tla phomola, Jesu Oa boloka.

[V3]
Hlabang mokhosi hohle, ka Jesu Morena,
Ka lefu le bophelo ba Jesu Morena;
Bua le ka sephiring Ka mohau oa Jesu,
U tla hlola lebitla ka Jesu Morena.

[V4]
Lithabeng le lithoteng ka matlung, le kantle,
Hohle Molimo O teng O tseba ka hohle;
Motho le ha’rapela le sephiring sa pelo,
Molimo O’a mo utla O utloa haholo.

97. Re Utloile

Link copied to clipboard successfully!