Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #65

Hymn 65 Ho Hotle Ho Ts’epa Jesu

[V1]
Ho hotle ho ts’epa Jesu, Ho utloa lentsoe la Hae;
Le ho boloka ts’episo, Ho rialo Morena.

[V2]
Jesu, Jesu, ke ea mo ts’epa, Ke Mo lekile hohle;
Jesu, Jesu, ea molemo, ruri ke ts’epa Uena.

[V3]
Ho monate ho mo ts’epa, Ho ts’epa mali a Hae;
Ka tumelo ho ntlhoekisa, maling a Hae a matle.

[V4]
E ho hotle ho mo ts’epa, Ho tela libe tsohle;
Ho Jesu ho ikukela, Bophelo thabo khotso.

[V5]
Ke thabetse ho mo ts’epa, Ho tela libe tsohe,
’Me kea tseba O na le ’na, O tla ba le ’na hohle.

65. Ho Hotle Ho Ts’epa Jesu

Link copied to clipboard successfully!