Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #64
Hymn 64 Bolella Jesu
[V1]
U khathetse, pelo e bohloko, bolella Jesu, bolella Jesu;
U soabile thabong tsee fetileng, bolella Jesu fe’la.

[V2]
Bolella Jesu, bolella Jesu, ke motsoalle oa ’nete,
Ha ’teng motsoalle kapa moena, bolella Jesu fe’la.

[V3]
Na u sitoa ho thiba meokho, bolella Jesu, bolella Jesu
Na u na le libe tsee patiloeng, bolella Jesu fe’la.

[V4]
Na u ts’aba masoabi a leng teng, bolella Jesu, bolella Jesu;
U chesehela ho tseba tse tlang, bolella Jesu fe’la.

[V5]
U khathatsoa ke ho ts’oha lefu, bolella Jesu bolella Jesu,
Na u lakatsa ’muso oa Kreste, bolella Jesu fe’la.