Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #42

Hymn 42 Re Ke Ke Ra Arohana

[V1]
Thabong re kopana le metsoalle ka nakonyana,
Empa ho tla ts’oabo ea hore re tla arohana.

[C]
Ha ho teng “salang—hantle,” lehaeng lane le letle,
Empa tsa thabo le khotso li tla binoa teng.

[V2]
Ts’epo e teng ha baratuoa ba re: “Salang hantle”
Ha tsohle li fetile; re tla lula teng kaofela.

[C]
Ha ho teng “salang—hantle,” lehaeng lane le letle,
Empa tsa thabo le khotso li tla binoa teng.

42. Re Ke Ke Ra Arohana

Link copied to clipboard successfully!