Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #43

Hymn 43 Ho Robala Ho Jesu

[V1]
Robala ts’epong ho Jesu,
Moo ho seng motho ea ka llang;
Khatholohong e monate,
Sera se ke ke sa u ts’osa.

[V2]
Robala ho Jesu Hantle,
Uena mootseli joale!
Ea ts’epileng ho phomola,
Lehlohonolong kamehla.

[V3]
Robala Khotsong Ea Hae!
Tsoho ea Hae e leng ts’epo;
Ha ho ts’abo, malimabe,
Hona matleng a ’Moloki.

[V4]
Robala ’me u tla tsoha,
Ha lekolilo le tla lla;
U robe tlamo lebitleng,
U tsohe u le ea sa shoeng.

43. Ho Robala Ho Jesu

Link copied to clipboard successfully!