Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #239
Hymn 239 U Khathetse, U Ea Tepella
[V1]
U khathetse, ’tepeletse, U hlomohile?
Jesu O re: \"Tlo ho ’Na, U phomole.\"
U khathetse, ’tepeletse, U hlomohile?
Jesu O re: \"Tlo ho ’Na, U phomole.\"
[V2]
Na u na le lits’upiso, Tse tla ntsebisa?
Maqeba a teng matsohong, maotong.
Na u na le lits’upiso, Tse tla ntsebisa?
Maqeba a teng matsohong, maotong.
[V3]
O na le mofapahloho, O Mo khabisang?
E, o teng, ’Empa e le oa meutloa.
O na le mofapahloho, O Mo khabisang?
E, o teng, ’Empa e le oa meutloa.
[V4]
Ha ke ’Mona ke lumela, Mona ke na le’eng?
Mahlomola lebohloko, le lillo.
Ha ke ’Mona ke lumela, Mona ke na le’eng?
Mahlomola lebohloko, le lillo.
[V5]
Ha ke ntse ke tiiselitse, Ho tla fella kae?
U tla fenya mahlomola,U phele.
Ha ke ntse ke tiiselitse, Ho tla fella kae?
U tla fenya mahlomola,U phele.
[V6]
Ha ke re A nkamohele, Na o tla hana?
Le ho leka, Tsohle leha li feta.
Ha ke re A nkamohele, Na o tla hana?
Le ho leka, Tsohle leha li feta.
[V7]
Empa ha ke etsa tsohle, Na o tla mpitsa?
Bahalaleli le ba leng lillong, Ba re E.
Empa ha ke etsa tsohle, Na o tla mpitsa?
Bahalaleli le ba leng lillong, Ba re E.