Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #240
Hymn 240 Monyakong
[V1]
Ke eo Jesu monyako! O kokota ka bonolo,
Ke motsotso A letile, U se ke oa mo soabisa.

[V2]
O re u reke ho Eena gauda le liaparo,
U phekole mahlo a hao, u hlobole libe tsa hao.

[V3]
A k’u utloe lentsoe la Hae. O nea boikhethelo,
Uena U moetsalibe ke teng ha u sa fetohe.

[V4]
O se a qeta ts’ebetso ha A sa re rapella,
Ea lits’ila a be ea motle a a na ntlafale.

[V5]
U mo tlohele a kene, u tla fumana phomolo,
Ka kopano e monate a tle a lalle le Eena.

[V6]
Mo kenye u mo amohele u tla phomola pela’ Hae.
U thabe le Eena, ’moho u je le Eena hammoho