Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #218
Hymn 218 Motheo O Mong
[V1]
Motheo oa Kereke, Ke Jesu Morena,
Ke ’mopo o mocha. Ka mali le lentsoe,
O tlile ho e batla, Ho ba monyaluoa,
Ka mali o e rekile, A b’a e shoela.
Motheo oa Kereke, Ke Jesu Morena,
Ke ’mopo o mocha. Ka mali le lentsoe,
O tlile ho e batla, Ho ba monyaluoa,
Ka mali o e rekile, A b’a e shoela.
[V2]
Bakhethoa ba tsoang hohle, Bohle ke nthoe le ’ngoe,
Morena o mong feela, Tumelo le tsoalo;
Ba rorisa bitso, Ba ja sejo se le seng.
Ba ts’oere ts’epo e ’ngoe, Le mohau oohle.
Bakhethoa ba tsoang hohle, Bohle ke nthoe le ’ngoe,
Morena o mong feela, Tumelo le tsoalo;
Ba rorisa bitso, Ba ja sejo se le seng.
Ba ts’oere ts’epo e ’ngoe, Le mohau oohle.
[V3]
Leha ka ho e soma, Batho ba e sheba,
Leha lira li thuha lefika la eona
Ba its’epa tumelo, Ba re: Ho isa kae?
Bosiu ba mahlomola, E tla ba thabo.
Leha ka ho e soma, Batho ba e sheba,
Leha lira li thuha lefika la eona
Ba its’epa tumelo, Ba re: Ho isa kae?
Bosiu ba mahlomola, E tla ba thabo.
[V4]
Ts’ebetsong, mats’oenyehong, Le lintoeng tsa eona;
E letile ka khotso ea bo-sa-feleng,
Ponong ea khalalelo, Pono ea bohlokoa,
Ka tlholo Kereke e tla lula khotsong
Ts’ebetsong, mats’oenyehong, Le lintoeng tsa eona;
E letile ka khotso ea bo-sa-feleng,
Ponong ea khalalelo, Pono ea bohlokoa,
Ka tlholo Kereke e tla lula khotsong