Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #217

Hymn 217 Ho Hong Ke Jesu

[V1]
Jesu rato la Hao, U mphile lona,
Ha nkake ka hana, Morena’ ka.
Ke khumama ratong, Ke phetha likano,
Ke tlisa nyehelo, Ho hong ka Jesu.

[V2]
Setulong sa mohau, Ua nthapella,
Ke sheba ho Jesu, Ka tumelo;
Nthuse sefapanong Ke bolele thato,
Pako le thapelo, Ho hong ka Jesu.

[V3]
U mphe pelo’a ’nete, Sets’oants’ong sa Hau,
Hore ho bonale matsatsing ’ohle,
Ketso ea lerato, Le ea pelo-nolo,
Molahleh’a hapjoe, Ho hong ka Jesu.

[V4]
Tsohle tsa ka, bonna, lineo tsa Hao,
Nyakallong, masoabing, bophelong bona,
Ha ke U bona, Ke lula polokong,
Le ka ho sa feleng, Ho hong ka Jesu.

217. Ho Hong Ke Jesu

Link copied to clipboard successfully!