Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #181

Hymn 181 Re Letile Re Lebeletse

[V1]
Ha re tsebe nakoo eo, A tlang ho khutla ka eona;
Mantsiboea kapa ka meso, kapa har’a khitla bosiu,
O re re eme re lebele; mabone a se ke a tima,
Mohlang oo a tlang A fumane, re ntse re mo lebeletse.

[C]

Re mo le... tetse, re hloko... metse(re mo letetse) (hlokometse)
Re mo le...tetse.(re mo letetse re eme re hlokometse)

Ke hopola ka mosa Oa Hae, theko eo A re rekileng
A tlohela terone ea Hae, A tla ho rona lefats’eng,
Kea tseba ho tla mo thabisa, ha bao a neng a ba shoetse;
A re fumane bohle re ntse re eme re letile.

Jesu mohauheli Oa ka, U tseba le ts’epo ea ka;
Mahlo a ka a tla U bona, Ke utloe U nkamohela,
Mohlang U tlang ho ahlola, ba bang ba tla U baleha,
Motsoalle ea ratehang ke tla lumelisa ke letile.

181. Re Letile Re Lebeletse

Link copied to clipboard successfully!