Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #155

Hymn 155 Ke Tla Ea Mo O Ratang.

[V1]
E ka ba holimo lithabeng kapa honaleoatleng;
Kapa e seng pele le noeng, Morena O tla ntlhoka,
’Me leha A ka mpiletsa moo, litseleng se sa tsejoeng.
Ke araba Morena oa ka, ke tla ea moo U ratang.

[C]
Ke tla ea moo u ratang Morena, Thabeng, thoeng, leoatleng,
Ke tla bua thato ea Hao Morena, ke be seo U se ratang.

[V2]
Kapa ho teng mantsoe ao, Moena, A ka A phetang,
Kapa joale tseleng ea sebe, ho teng ea lahlehileng,
’Moloki ha ka ntsamaisa, tseleng ena lefifi
Ke tla bua ka thomo ea Hao, le eona thato ea ’Hao

[C]
Ke tla ea moo u ratang Morena, Thabeng, thoeng, leoatleng,
Ke tla bua thato ea Hao Morena, ke be seo U se ratang.

[V3]
Ruri tulo e teng thoko, kotulong ea lefats’e,
Moo nka ba le ho sebetsa teng, ke sebeletse Jesu.
Tsohle ke li bea ho Uena, kea tseba U ea nthata.
’Me ke tla etsa thato ea Hao, ke be se U se ratang.

[C]
Ke tla ea moo u ratang Morena, Thabeng, thoeng, leoatleng,
Ke tla bua thato ea Hao Morena, ke be seo U se ratang.

155. Ke Tla Ea Mo O Ratang.

Link copied to clipboard successfully!