Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #139

Hymn 139 Ke Se Ke Fumane Motsoalle

[V1]
Ke se ke fumane motsoalle, Eena ea nthatang;
Ke huloa ke lona lerato, A nkisa ho Eena;
O ntlamile moo pelong eaka; Ka khoele e tiileng.
Jesu ’na ke ngoana oa Hao, leha e ka ba neng. .

[V2]
Ke se ke fumane motsoalle ea mpholositseng;
E seng ka ho phela feela, empa A itela.
Hohle ke nang le hona ke ho beela Eena,
Pelo le ho lula ha ka ke tsa Hae joalo

[V3]
Ke se ke fumane motsoallle, Ea filoeng matla;
Ha Eena A ka nkemela tseleng ea leholimo;
Ho ea khanya bakeng sa-ne se ntiisitseng;
Ha ke lese ho sebetsa ke tla phomola pele.

[V4]
Ke se ke fumane motsoalle, Ea mosa ruri;
Eena O tla ntsamaisa ke fihle leholimong;
Ho Uena ea nthatileng ke fumana matla;
Re tla khaohangoa ke lefu! Che ’na ke oa Hao.

139. Ke Se Ke Fumane Motsoalle

Link copied to clipboard successfully!