Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #99
Hymn 99 Ha Ke Boha Sefapanong
[V1]
Ha ke boha sefapano, Moo Moren’a ka shoetseng teng;
Leruo la fats’e lena, Le ke ke la nthusa letho.

[V2]
Bonang hlohong, le matsohong, Masoabi, lerato ke tseo;
Li kopane ka mohlolo, Ho ea roesitsoeng meutloa.

[V3]
A ho se rorisoe letho, Ha e se sefapano sa Hae;
Lintho tsohle tsee sa thuseng, Ke tla li tela Morena.

[V4]
Leha nka rua lefats’e, Eo hase mpho e lekaneng;
Rato leo le lekakang, Le nqosa bophelo ba ka.