Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #18

Hymn 18 Tsoelang Pele Bakreste

[V1]
Tsoelang Pele bakrese ho ea mane ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele,
Kreste ke Molaoli, loants’ang le sera,
Tiisetsang Jesu Ke Eena ea fenyang.

[C]
Tsoelang pele bakreste hona teng ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele.

[V2]
Sera se baleha moo ho leng hlolo;
Masole hlomelang le ee ho loana,
Le bona bademona ba ’thothomela
Phahamisang mantsoe tlerolang.

[C]
Tsoelang pele bakreste hona teng ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele.

[V3]
Makhotla a matla tsosang kereke,
Baena hatang le bahalaleli
Ha ho karohano ke ’mele o mong
Kopano e teng ho eena leratong.

[C]
Tsoelang pele bakreste hona teng ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele.

[V4]
Ho shoele Marena, e, le ba matla,
Phutheho ea Jesu e eme joalo,
Mabitla a ke ke a bona hlolo
Re na le Morena ea sa hloleheng.

[C]
Tsoelang pele bakreste hona teng ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele.

[V5]
Tsoellang batho, a re kopaneng,
Ka mantsoe a rona pineng ea hlolo,
Khalalelo pooko ho Eena Kreste
E le ka ho sa feleng e tla ’ne binoe

[C]
Tsoelang pele bakreste hona teng ntoeng,
Fapano sa Jesu se le ka pele.

18. Tsoelang Pele Bakreste

Link copied to clipboard successfully!