Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #10

Hymn 10 Na Re Tla Phutheha Nokeng?

[V1]
Na re tla phutheha nokeng, khatong tsa mangeloi;
Nokaneng tse halalelang tse mathang teroneng

[C]
E re tla phutheha nokeng, eona e ntle, e ntle haholo-holo
Le bona bahalaleli, nokeng e mathang teroneng.

[V2]
Hona teng bopong la noka, moo metsi a leng matle;
Ke tla khumama kamehla, linakong tsa nyakallo.

[C]
E re tla phutheha nokeng, eona e ntle, e ntle haholo-holo
Le bona bahalaleli, nokeng e mathang teroneng.

[V3]
Ha re eso fihle nokeng, re tla rola meroalo;
Re tla bona hlohonolo, le seaparo le moqhaka.

[C]
E re tla phutheha nokeng, eona e ntle, e ntle haholo-holo
Le bona bahalaleli, nokeng e mathang teroneng.

[V4]
Kapele re fihla nokeng, leeto le tla fela;
Pelo li tla tlala thabo, le lipineng tsa khotso.

[C]
E re tla phutheha nokeng, eona e ntle, e ntle haholo-holo
Le bona bahalaleli, nokeng e mathang teroneng.

10. Na Re Tla Phutheha Nokeng?

Link copied to clipboard successfully!