Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #268

Hymn 268 Morena Bona Sefefo

[V1]
Morena bona maqhubu, A ea tlola holimo,
Ho maru a mats’o-mats’o, Ha ho thuso haufi.
Na ha U bone rea shoa? Na U robaletse’ng?
Ke nako e thothometsang, Lebitla tlase-tlase.

[C]
Lifefo maqhubu tsa khutsa, Ha khutsa!
Na ke leoatle leo le tlolang. Kapa bademona kapa le batho?
Ha se ka ke sa teba sekepe, Ha Jesu a le teng ho sona,
Le tla le utloa lentsoe la Hae. Khutsa hle,
Le tla le utloa lentsoe la Hae, Ha re: Khutsa.

[V2]
Morena ke mo tsietsing, Mahlomoleng kajeno,
Ke pherekanong ea pelo, Oho tsoha mpholose!
Libe li nkentse tsietsing, Ke thibane moea.
’Me kea shoa, kea shoa, Morena Akofa U laole.

[C]
Lifefo maqhubu tsa khutsa, Ha khutsa!
Na ke leoatle leo le tlolang. Kapa bademona kapa le batho?
Ha se ka ke sa teba sekepe, Ha Jesu a le teng ho sona,
Le tla le utloa lentsoe la Hae. Khutsa hle,
Le tla le utloa lentsoe la Hae, Ha re: Khutsa.

[V3]
Morena ts’abo e felile, Hohle e se le khotso;
Letsatsi le khanya leoatle, Holimo ho haufi.
U lule le ’na Khosi! Se ntese bonots’ing.
Le ka nyakallo ke tla fihla, Ke phomole Moreneng.

[C]
Lifefo maqhubu tsa khutsa, Ha khutsa!
Na ke leoatle leo le tlolang. Kapa bademona kapa le batho?
Ha se ka ke sa teba sekepe, Ha Jesu a le teng ho sona,
Le tla le utloa lentsoe la Hae. Khutsa hle,
Le tla le utloa lentsoe la Hae, Ha re: Khutsa.

268. Morena Bona Sefefo

Link copied to clipboard successfully!