Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #260

Hymn 260 Phula Ea Beula

[V1]
Ke feta hona phuleng eo ba reng e bolutu,
Athe ke fumana tsel’e tletseng lipalesa,
Ho n’a ke khohloana ea Beula, E ntlehali,
Hoba ke tsamaea le ’Moloki, Molekane.

[C]
Ao Beula, Ao Beula, Ua hlokeha ho ’na!
Ao, ke bona fats’e le letle la lits’episo.

[V2]
Ha ho na moriti o ka fifatsang le tsela,
Hoba, phatsimo ea khalalelo ke ea mehla.
Meloli e binoang teng ke ba leholimo,
E utloahala phuleng eo, e nkhatholla pelo.

[C]
Ao Beula, Ao Beula, Ua hlokeha ho ’na!
Ao, ke bona fats’e le letle la lits’episo.

[V3]
Eka boikakaso ho ea motseng oa leseli,
Boikakaso ba ka boa hola, le phatsimo.
Ke atamela khoro tsa borena holimo,
Hobane tsel’e nyolohela pusong ea lerato.

[C]
Ao Beula, Ao Beula, Ua hlokeha ho ’na!
Ao, ke bona fats’e le letle la lits’episo.

260. Phula Ea Beula

Link copied to clipboard successfully!