Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #206

Hymn 206 Uena U Entseng

[V1]
Ke u shoetse Uena Ka tla ts’olla mali
Hore O bolokoe O tsositsoe lefung,
Ka itella Uena! Uena U mphile eng?
Ka itella Uena! Uena U mphile eng?

[V2]
Tlung ea Ntate ’seling, Khalalelo ea ka,
Li setse lefifing, Batho ba timetseng;
Ke li sietse Uena u nts’ietseng na
Ke li sietse Uena, Uena U ts’ietseng?

[V3]
Ke hlokofaletse uena, Ho feta puo
Bohlokong bo boholo, Ho u nts’a lebitleng;
Ke u jaretse tsohle, U njaretse eng na?
Ke u jaretse tsohle, Uena U njaretse eng?

206. Uena U Entseng

Link copied to clipboard successfully!