Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #172

Hymn 172 E Tla Ba Neng

[V1]
Ke nako e kae ’Moloki Re ntse re letile?
Re khathetse lipelo, Ke ho lieha ha Hau,
E tla ba teng neng nako, E fetang ea meso,
Tsatsi la khalalelo "Ho batho ba Hao".

Ke nako e kae Morena, U sa re tlohetse,
O liehile ho tla, Ho lumela bonyane;
Re bona bahlanka ba Hao ba tebile sebeng,
Ba seng bakae ba rona ba itukisitseng.

U tsose batho ba Hao, U romele pitso;
Bahalaleli ba re ’"Moloki o haufi",
A re khantseng mabone, Re itlame matheka,
Bohle ba itukise ho bona Morena.

172. E Tla Ba Neng

Link copied to clipboard successfully!