Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #167

Hymn 167 Motheo O Thata .

[V1]
Motheo o tiileng, lona bahalaleli,
O theiloe lentsoeng tumelong ea lona
Na a ka holela joang ho uena ha a re,
Ke mang ea balehetseng, ke mang ea balehetseng,
Ke mang ea balehetseng ho Morena.

[V2]
Se ts’abe, ke na le uena, se tepelle;
Ke ’na Molimo oa hao ke tla u thusa;
Ke tla u matlafatsa ke u emise,
U emisoe keho loka, u emisoe ke ho loka,
U emisoe ke ho loka tsohong la ka.

[V3]
Ha ke u bitsa ho tsamaea botebong,
Noka tsa masoabi ke ke tsa ’koahela;
Khathatsong ke tla u hlohonolofatsa,
Ke u halaletse le tepellong ea hao.
Ke u halaletse tepellong ea hao.

[V4]
Leha ke tsamaea har’a likhathatso,
Mohau oa hao o o lekane ho mpepa;
Ha u na ho hlokofatsoa ke malakabe,
Ke tla hloekisa le gauda ea hao,
Ke tla hloekisa le gauda ea hao.

[V5]
Moea o its’etlehile ka Jesu,
Ha nkake ka u tlohella lireng tsa hao;
Ha nkake ka u tlohella lireng tsa hao;
Leha Satane a leka ho sisinya,
Che, ha nkake ka leka ho mo furalla
Ha ke na hona ho mo furalla.

167. Motheo O Thata .

Link copied to clipboard successfully!