Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #163
Hymn 163 Roma ’Na.
[V1]
Jesu o nts’a botsa a re: Ana ke tla roma mang?
Kotulo e kholo ruri, Ke mang na, ke mang ea eang?
Morena o nts’a tlerola, Moputso o mongata,
Na ke mang ea ea araba? "Roma ’na, ha u rata!"

[V2]
Leha u sa rongoe hole, Ho ruta bahedene,
Bona ba tletse kahohle, Le koano ba haufi,
Leha e se ka puo ea Mangeloi le Paulose,
Bolela rato la Jesu, U re: O shoetse bohle.

[V3]
Leha u sa beoe qhooeng, lerakong la Zione,
U supa tsela holimo, U tumisa tsa khotso
Ka merapelo ea hao, U ka etsa tse hlokoang
U ka ts’oana le Aarone, Ua ts’eetsa moprofeta.

[V4]
Ha meea ea batho e shoa, Morena a u bitsa,
Ho se ea utloang ha u re:"Ha ho seo nka se etsang,"
Ka thabo ke tla sebetsa, Thabela mosebetsi,
Arabela u mpe u re: "Roma ’na, Moren’a ka."