Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #146

Hymn 146 U Phele Ka Ho ’Na

[V1]
U phele ka ho ’na, Jesu Morena oa ka;
Uena U be karabo, potsong tsohle tsa ka,
U phele ka ho ’na U etse thato ea Hao;
’Me ’na ke bonahatse, khalalelo ea Hao.

[V2]
Mele o inehetseng, O hloekisitsoe sebeng,
A leseli la Hao le ke le o khants’etse;
Fats’e le ke le thole, ’mele o fetoloe,
Mohlanka oa Hao a tsamaisoe ke Uena.

[V3]
Lintho tsa oona tsohle, li ikokobetse;
Li lumele hore li ke li sebelisoe,
Li hloke hlolohelo liketsong melekong;
Li be ts’ebetsong ea Hao, ho se pelaelo.

[V4]
Nke ke lule phomolong le ho lokeng hohle,
Ke ntse ke U emetse, ha Uena U ntlhoka;
U phele ka ho ’na Morena oa Marena,
Uena U be karabo potsong tsa ka tsohle.

146. U Phele Ka Ho ’Na

Link copied to clipboard successfully!