Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #133

Hymn 133 Ke Tsamaea Le Molimo.

[V1]
Ntlohele ke tsamaee le Uena, Molimo joale ka Enoke;
U nts’oare ka letsoho la Hau, U bue ka bonolo le ’na.
Leha ke sa bone tsela, Jesu U tsamaee le ’na.

[V2]
Ha ke tsamaea ke le mong, Sefefo se halefile;
Fifi le nts’oara maotong, Lira li ntaletse haufi;
U khutsisitse leoatle Morena tsamaea le ’na.

[V3]
Ha ke phomola ho Uena, Tsa lefats’e ke lefeela;
Ke nka leeto ka sebete, Ke tla phahamisa ’fapano
Ke be ke bone Sione, ’Moloki A tsamaea le ’na.

133. Ke Tsamaea Le Molimo.

Link copied to clipboard successfully!