Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #70

Hymn 70 Re Tla Ema Joang Kahlolong

[V1]
Ha Jesu a bokella lichaba, Pel’a Hae ho bonahala,
Re tla ema joang pe’la kahlolo, Tsatsing le leholo la tsoho.

[V2]
O tla bokella koro seotlong, Empa ’moko o tla qhaloa;
Re tla ema joang pel’a kahlolo? Tsatsing le leholo la tsoho.

[V3]
Na re tla utloa ’Moloki ha a re: “Mohlanka ea bileng khabane”,
Kapa re tletse ts’abo le tepello, Re falalitsoe teroneng.

[V4]
O tla bososela ha a ba bona; A bona lets’oao la Hae,
A ba apesa ka botle ba khanya, Ba khumama maotong a Hae.

[V5]
A re falimeheng re be chalimong, Mabone a uke haholo;
Ha monyali a memela bohaling, Re be re itukisitse.

[V6]
Lipelo li lebile leholimong, Ka mamello re emetse;
Ha ts’iu tsa bojaki li felile, Re tla itihela maotong a Hae

70. Re Tla Ema Joang Kahlolong

Link copied to clipboard successfully!