Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #33

Hymn 33 Oa Ntsamaisa

[V1]
Oa ntsamaisa ho hotle, O nthomella mats’eliso,
Se ke se etsang hohle hae, Tsoho la hae lea nkhula.

[C]
O! O! Eena ka sebele O ntataisa ka letsoho,
Ke eena Jesu ea nkhulang, Ke tla mo sala morao.

[V2]
Ha ke etsa le lefifing Kapa botleng ba Edene,
Botle, metsing le lifefong, Ke ntse ke huloa ke ntate.

[C]
O! O! Eena ka sebele O ntataisa ka letsoho,
Ke eena Jesu ea nkhulang, Ke tla mo sala morao.

[V3]
Morena nka ts’oara atla sa hao ke sa belaele,
Ke thabile tseleng ea ka, Ha ke huloa ke Molimo.

[C]
O! O! Eena ka sebele O ntataisa ka letsoho,
Ke eena Jesu ea nkhulang, Ke tla mo sala morao.

[V4]
Mosebetsi o felile, Hlolo ke neoa ka mohau,
Ha nka ke ka ts’aba lefu, Ke Molimo O nts’elisang.

[C]
O! O! Eena ka sebele O ntataisa ka letsoho,
Ke eena Jesu ea nkhulang, Ke tla mo sala morao.

33. Oa Ntsamaisa

Link copied to clipboard successfully!