Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #1
Hymn 1 Letsa phala Molebeli
[V1]
Letsa phala ea evangeli, bohle ba khalemeloe;
Bohle ba utloang molaetsa, ba inyatse ba phele.

[C]
U e letse molebeli, E utloahale hole...
Molimo O ea u roma, lokolla ba litlamong.

[V2]
E utloahale phahameng, le hona bakeng tsohle;
Leoatle le ke le pake, poloko ee thabisang

[V3]
E letse le teng litseleng, moo o leng balahlehi;
Ntho tsohe li lokisitsoe, Ntate O ba emetse.

[V4]
Letsetsa ba leng bothateng, ba batlang tokoloho;
Utloang memo ea ’Moloki, ee e reng le tleng ho ’na.