Hymn 2 Morena O Se A Le Monyako

[V1]
Morena O teng monyako, Ea neng ’jere sefapano,
Joale bao ba lokileng, Ba bokelloa bohle.

[C]
Monyako... monyako; Morena O teng monyako;
O ea tla... O ea tla O se A le monyako.

[V2]
Liponts’o ka lemo tsohle, Li re O se A le mona;
Re tla bona haufinyane, Ea teng mehleng eohle.

[C]
Monyako... monyako; Morena O teng monyako;
O ea tla... O ea tla O se A le monyako.

[V3]
Hlokomelang tsa lefats’eng, Mats’oenyeho ha a fele;
Mopholosi O tla fihla, Mothetsi a fele.

[C]
Monyako... monyako; Morena O teng monyako;
O ea tla... O ea tla O se A le monyako.

[V4]
Mane lefats’eng le lecha, Re tla lula re le bacha;
Ba neng ba shoa ha ba sa shoa, Le ka ho sa feleng.

[C]
Monyako... monyako; Morena O teng monyako;
O ea tla... O ea tla O se A le monyako.

2. Morena O Se A Le Monyako

Link copied to clipboard successfully!