Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #289
Hymn 289 Morena Jesu Kea Lela
[V1]
Morena Jesu kea lela Morena nthuse ke ea shoa.
Tlisa bophelo ba Hau, Nkuke ke le tjena.

[C]
Nkuke Morena, Nkuke ke le tjena.
Atametsa poloko, Nkuke ke le tjena.
Matla ha eo ho ’na Jesu, ka mali a Hau ntlhatsoe,
Uena nketse se u ratang. Nkuke ke le tjena.
Ha ke na mesebetsi e metle ho Uena Morena.
Lebitsong la Hau mpoloke, Nkuke ke le tjena.
Ke itiha pel’a Hau mpone ’Moloki maotong a Hae,
Mosebetsi o qaliloe Nkuke ke le tjena.