Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #248

Hymn 248 Ke Jesu Oa Nazaretha

[V1]
Bongata bo hlokofetseng bo fetang bo itlhahanetse bo reng?
Bo phuthehang mehla eohle? Ke thapelo eang e joalo?
Bongata b’a araba ba re:\"Jesu oa Nazareth’ oa feta!\"(bis)

[V2]
Ke mang Jesu ea sisinyang motse ka matla a kalo?
Mofiti eo o na le ho sisinya batho ka thato?
Hape ba fetola ba re: \"Jesu oa Nazaretha oa feta!\" (bis)

[V3]
Jesu Eena ea kileng A tsamaea hara batho,
’Me ba imeloang kaofela, baloetse ba tla ho Eena.
Fofu sa itela ho utloa: !\"Jesu oa Nazareth’ oa feta!\"(bis)

[V4]
Kajeno joale ka khale, re ka bona khato tsa Hae,
O eme mona ho rona, O kena hore a lule,
Na ha re na ho hoa re re: \"Jesu oa Nazareth’ oa feta.!\"(bis)

[V5]
Tlong bohle ba imelong, tlong tsoarelong, phomolong;
Lona bao le shotang hohle, khutlang amohelang mohau.
Ba lekoang sets’abelo ke: \"Jesu oa Nazareth’ oa feta.\" (bis)

[V6]
Empa ha u hana pitso, U senya rato la Hae,
U tla boea ka masoabi, Ha u hana pitso ea Hae,
Ho tla thoe: \"O liehile, Jes’ aNazaretha o fetile.\"(bis)

248. Ke Jesu Oa Nazaretha

Link copied to clipboard successfully!