Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #169
Hymn 169 Mojalefa Oa Borena.
[V1]
Mojalefa—Borena u otsellang,
U robalelang haufi le lehae?
Tsoha phahama, U itlame thekeng,
Akofa nako e se e ea feta.
Mojalefa—Borena u otsellang,
U robalelang haufi le lehae?
Tsoha phahama, U itlame thekeng,
Akofa nako e se e ea feta.
[V2]
Merabe ea lefats’e e ea loana,
E’a thothomela e tletse ts’abo;
Mamela utloa ho luma makoloi,
Mojalefa U se ke ua lieha.
Merabe ea lefats’e e ea loana,
E’a thothomela e tletse ts’abo;
Mamela utloa ho luma makoloi,
Mojalefa U se ke ua lieha.
[V3]
Se emele litakatso tsa lefats’e,
Menate ea teng ke ee iphellang,
Khaola tlamo tsa sera tsee u tlammeng,
Mojalefa reteleha joale.
Se emele litakatso tsa lefats’e,
Menate ea teng ke ee iphellang,
Khaola tlamo tsa sera tsee u tlammeng,
Mojalefa reteleha joale.
[V4]
Talima hantle phahamisa hloho;
Hlokomela ’muso oa Jesu o tlang,
Bona leseli le chaba lithabeng;
Mojalefa U nyakalle U bine.
Talima hantle phahamisa hloho;
Hlokomela ’muso oa Jesu o tlang,
Bona leseli le chaba lithabeng;
Mojalefa U nyakalle U bine.