Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #159
Hymn 159 Ke U Hloka Hakakang.
[V1]
Ke U hloka hakakang, bofumeng le phokolong;
Kea thothomela U nkule, ’matlafatse U mphe pono.

[C]
Ka linako tsohle, Morena ke u hloka joang;
Ka linako tsohle, ’Moloki U nts’ehetse.

[V2]
U nkapese ka bonolo, kobo ea ka e lits’ila,
U nthute ke ea fokola, kea rapela mphe matla.

[V3]
Ha U nkhula ke tla phela, ke tla oa ha ke its’epile,
Tsamaea le ’na bophelong Uena U tsohe ho ’na.

[V4]
Ha nka hlaheloa ke tse ling, thabo le hlokofalo;
Ke tla ’ne ke be ho Uena, U ntse U le Mothusi