Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #142
Hymn 142 Ho Monate Joang.
[V1]
Le monate joang tsatsi,
Lee le halalelang;
Ha re lahla tsa lefats’e,
Re sheba Molimo.
Le monate joang tsatsi,
Lee le halalelang;
Ha re lahla tsa lefats’e,
Re sheba Molimo.
[V2]
A mantsoe a khotso, a monate
A tsoang ho Eena,
A tsosang ea inyatsang;
Ho ea leholimong.
A mantsoe a khotso, a monate
A tsoang ho Eena,
A tsosang ea inyatsang;
Ho ea leholimong.
[V3]
’Me ha ho tlosoa libe,
Le ho li furalla;
Eena ea u bonang pelong,
O romela mohau.
’Me ha ho tlosoa libe,
Le ho li furalla;
Eena ea u bonang pelong,
O romela mohau.