Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #128

Hymn 128 Nako E Ntle Ea Thapelo.

[V1]
Ke nako ea thapelo, a re ikokobetseng,
Re atamela Jesu Motsoalle ’rona;
Re lumela ho Eena ke khato ea rona,
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng

[C]
Nako ’a thapelo, nako e ntle joang;
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

[V2]
Ke nako ea thapelo ha Jesu ’atamela,
Ka kutloelo-- bohloko ho bana ba Hae;
Ha A re re lahlele meroalo ho Eena,
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

[C]
Nako ’a thapelo, nako e ntle joang;
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

[V3]
Ke nako ea thapelo ha ho le ba lekoang,
Ba tlisa masoabi a bona ’Moloking,
Ka kutloelo—bohloko, Oa tlosa ohle,
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng,

[C]
Nako ’a thapelo, nako e ntle joang;
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

[V4]
Ke nako ea thapelo, ha re mo lumela;
Ka ’nete re le ba hlohonolofetseng,
Re tla lokolloa hohle ha re mo ts’epile
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

[C]
Nako ’a thapelo, nako e ntle joang;
Ke pheko mokhathaleng, ho monate ho ba teng.

128. Nako E Ntle Ea Thapelo.

Link copied to clipboard successfully!