Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #122
Hymn 122 Haufi-Ufi.
[V1]
Haufi-ufi le Morena,
Nkhule Jesu oa ka ea ntatileng;
Nts’ike nkatametse ho Uena,
Mpate haha la ka la phomolo;
Mpate haha la ka la phomolo.
Haufi-ufi le Morena,
Nkhule Jesu oa ka ea ntatileng;
Nts’ike nkatametse ho Uena,
Mpate haha la ka la phomolo;
Mpate haha la ka la phomolo.
[V2]
Haufi-ufi ha ho letho,
Lee ka bang sehabelo ho Jesu;
Pelo ke ena e nang le pako,
A k’u ntlhatsoe maling a Hao Jesu;
A k’u ntlhatsoe maling a Hao Jesu.
Haufi-ufi ha ho letho,
Lee ka bang sehabelo ho Jesu;
Pelo ke ena e nang le pako,
A k’u ntlhatsoe maling a Hao Jesu;
A k’u ntlhatsoe maling a Hao Jesu.
[V3]
Haufi-ufi Jesu nkuke,
Ke tele sebe bobe ba sona;
Ho ikhohomosa hohle ho tlosoe,
U mphe Jesu ea thakhisitsoeng;
U mphe Jesu ea thakhisitsoeng.
Haufi-ufi Jesu nkuke,
Ke tele sebe bobe ba sona;
Ho ikhohomosa hohle ho tlosoe,
U mphe Jesu ea thakhisitsoeng;
U mphe Jesu ea thakhisitsoeng.
[V4]
Haufi-ufi ha ke phetse,
Ts’epo ea ka e be khalalelong;
Le ka lilemo tse li sa feleng,
Ke ba haufi le Uena ’Moloki;
Ke be haufi le Uena ’Moloki.
Haufi-ufi ha ke phetse,
Ts’epo ea ka e be khalalelong;
Le ka lilemo tse li sa feleng,
Ke ba haufi le Uena ’Moloki;
Ke be haufi le Uena ’Moloki.