Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #116

Hymn 116 Ha U Re Letho Ka Jesu.

[V1]
U tletse litakatso, ha u na tulo ea Jesu?
U ts’oeroe ke lefats’e, ha u na tulo ea Jesu.
Bona O eme monyako, O nts’a kokota joalo;
Utloa ha a u qeka, ha u na tulo ea Jesu.

[V2]
U ntse U senya nako, ha u sebeletse Jesu?
U senya matla a Hae, ha u sebeletse Jesu.
Ha u loants’e sebe na, U leke ho sokolla;
U sa tlise le ea mong, ha u sebeletsse Jesu.

[V3]
U batla tsa lefats’e, ha u na nako ea Jesu?
Mosebetsi o motle, ha u na nako ea Jesu.
Boiketlo le leruo, U batla mafeela-feela,
U loana ho ithabisa, ha u na nako ea Jesu.

[V4]
Makhapetla ’lefeela, ha ho tholoa’a Jesu?
Ha u na letho liathleng, ha ho tholoan’a Jesu.
Ha u boloke letho, Ha fumane tefo;
Ha u na eona thabo, Ha u kopana le Jesu.

116. Ha U Re Letho Ka Jesu.

Link copied to clipboard successfully!