Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #90

Hymn 90 Botle Nako Ea Thapelo

[V1]
Botle nako ea thapelo! E mpitsang mona lefats’eng,
Ke bolela kopo tsa ka, Ho Ntate moo a mpiletsang;
Mohla ke le mahlomoleng, Ke bona pholoho le teng,
Ke phonyoha moo molekong, Ka nako ea ho rapela.

[V2]
Botle nako ea thapelo! Ke tla isa kopo ea ka,
Ho Eena eo ea ts’epang; Ho halaletsa moeti,
O ntaela o re, ke ’matle, Ke lumele mohau oa hae,
Tsohle tsa ka li ho eena, ke lete nako’a thapelo.

[V3]
Botle nako ea thapelo!ke fumane khothatso teng,
Ke tsamaea ke le thabong ke bone hae ke ea fihla
Ke tsoha ke le ea sa shoeng ke kena moo bosafeleng
Ke luluetse sebakeng sala hantle moo thapelong.

90. Botle Nako Ea Thapelo

Link copied to clipboard successfully!