Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #264

Hymn 264 Tsatsi Le Halalelang

[V1]
Tsatsi le halalelang, La Jehova ’Morena;
Ke lona la bosupa, Le khethiloe ke Eena.

[C]
Le amohele, Le amohele,
Rea u thabela, phomolo ea Morena.

[V2]
Mosebetsi oa qetoa, Ho e so qale lona,
A le hlohonolofatsa, Ke ka hoo re phomolang.

[C]
Le amohele, Le amohele,
Rea u thabela, phomolo ea Morena.

[V3]
Batho ba le fetotse, Ba khetha la Sontaha;
Talima mangolo ha, a bolelle joalo.

[C]
Le amohele, Le amohele,
Rea u thabela, phomolo ea Morena.

[V4]
Ba bangata ba sa re, Sontaha e lokile,
Empa buka’ Morena eona ea ba hanyetsa.

[C]
Le amohele, Le amohele,
Rea u thabela, phomolo ea Morena.

[V5]
’Na ka talimisisa, Ka e bona Sabatha;
Ka phakisa ho kena, tseleng ena ea ’nete.

[C]
Le amohele, Le amohele,
Rea u thabela, phomolo ea Morena.

264. Tsatsi Le Halalelang

Link copied to clipboard successfully!