Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #246

Hymn 246 Bua Lentsoe Ka Jesu.

[V1]
Bua lentsoe ka Jesu Motsoallle ea lerato,
Tlo ’khothatse lipelo ka seo a se entseng.

[C]
Bua lentsoe ka Jesu le tla thusa tseleng,
Lentsoenyana ka Jesu pineng le thapelong.

[V2]
Bua lentsoe ka Jesu ts’oarelo ea libe
Mohaung u nts’o leka ho fihla holimo.

[C]
Bua lentsoe ka Jesu le tla thusa tseleng,
Lentsoenyana ka Jesu pineng le thapelong.

[V3]
Bua lentsoe ka Jesu joale uena u re,
Ke rata Mopholosi Ea iteletseng ’na.

[C]
Bua lentsoe ka Jesu le tla thusa tseleng,
Lentsoenyana ka Jesu pineng le thapelong.

[V4]
Bua lentsoe ka Jesu U se senye nako;
Pelo e tletseng botsoa moputso ke ts’oabo.

[C]
Bua lentsoe ka Jesu le tla thusa tseleng,
Lentsoenyana ka Jesu pineng le thapelong.

[V5]
Bua lentsoe ka Jesu tumelo ha e shoa,
Tsoha phokolong eohle mo phetele hohle.

[C]
Bua lentsoe ka Jesu le tla thusa tseleng,
Lentsoenyana ka Jesu pineng le thapelong.

246. Bua Lentsoe Ka Jesu.

Link copied to clipboard successfully!