Back to Keresete Pineng List
Keresete Pineng #202
Hymn 202 Jesu ’Moloki Nkhule
[V1]
Jesu ’Moloki nkhule sefefong sa bophelo,
Ke tleloa ke likotsi fika le le sa bonoeng,
Thuso e tsoa ho Uena Jesu ’Moloki nkhule.

[V2]
Joaleka mosali ngoaneng U khutsise leoatle,
Maqhubu a mamela, ha U re a khutse tu!
Uena Morena’ leoatle Jesu ’Moloki nkhule.

[V3]
Ha ke atamela bopong, maqhubu a ea rora,
Mahareng ho teng khotso ha ke le fubeng sa Hao,
Nke ke utloe ha U re se ts’ohe kea u hula