Back to Keresete Pineng List Keresete Pineng #150

Hymn 150 Ba Kae Bakotuli?

[V1]
Ba kae bakotuli ba kotulang, mangata a molemo masimong
Nkang sekele tsa ’nete le sebetse le se tlohe teng ho eso phuthoe.

[C]
Ba kae bakotuli?ho tla tla mang ho neoa khalalelo le bona,
Ke mang ea tla thusa ho bokella ngata tse tsoang masimong a sebe.

[V2]
Tsoelang mapatlelong le a batle mabele a ka ba teng maholeng,
Batlang litseleng se feteng letho, bokellang tsohle hae holimo.

[C]
Ba kae bakotuli?ho tla tla mang ho neoa khalalelo le bona,
Ke mang ea tla thusa ho bokella ngata tse tsoang masimong a sebe.

[V3]
Masimo a butsoa hole-hole, lefats’e le emetse kotulo;
Bakotuli ba sieo empa he, mosebetsi oona o moholo.

[C]
Ba kae bakotuli?ho tla tla mang ho neoa khalalelo le bona,
Ke mang ea tla thusa ho bokella ngata tse tsoang masimong a sebe.

[V4]
Tlang ka sekele bana ba batho, ’me le bokelle tlhaku tsa gauda;
Sebetsang mong-a-teng A be A tle thabang le eena kotulong ea Hae.

[C]
Ba kae bakotuli?ho tla tla mang ho neoa khalalelo le bona,
Ke mang ea tla thusa ho bokella ngata tse tsoang masimong a sebe.

150. Ba Kae Bakotuli?

Link copied to clipboard successfully!